

Banna ba bane ke bafu, ka mora ho hloloa ke ho qabelloa ke lehloa ho tloha ka Sontaha Liphiring Mokhotlong.
Mookameli oa thibelo le taolo ea likuluoa Mokhotlong monghali Sekake Thamae, o hlalositse hore banna bana, ba tlohile hae ba ts’eletse ka Sontaha bekeng e fetileng, ba ea mosebetsing Natala Afrika Boroa. O re ba fumane a le mong a ntse a phela a ts’abetse motebong o mong, ba bane e le bafu, ha e mong a eso fumanoe ‘me o ntse a batloa. O re ho bafu bao, ba ba beli ke bana ba motho.
Monghali Thamae o re tlhaloso ea ea ntseng a phela, e supa hore ba ile ba menahana le mehlala ha ba hloloa ke lehloa, ba ikarola lihlopha tse peli, ba bang ba tsamaea ba le bane, ha eena a ile a tsamaea le e mong ea ileng a sala tseleng ka le reng o ea phomola eaba esale ba qetelana.
Tlaleho e tsoelapele ho supa hore ea phelang, o fumanoe a le maemong a hlobaetsang, a fuoa thuso ea pele ke liofisiri tsa lefapha la thibelo le taolo ea likoluoa DMA le mokhatlo oa sefapano se sefubelu, a nto potlakisetsoa sepetlele Mokhotlong.
Hosale joalo, litopo tse nne li satsoa nkoa ka seroalankhoana ho isoa polokelong ea bafu.