

Tona-kholo Samuel Ntsokoane Matekane ka morero oa ntlafatso ea bacha oa Sebabatso, o etetse ba Quthing, ka Moqebelo oa beke ena.
Puisanong le Sesiu sa litaba sa Lekope FM, mookameli oa liphatlalatso ofising ea tona-kholo monghali Teboho Sekata, o hlalositse hore ts’ebetsong ena, bacha ba bile ba entse lipunts’uoa tsa lihlaisoa tsa bona, tse kenyeletsang meroho, nama ea likhoho, lihlaisoa tsa joang, lisebelisoa tsa motlakase oa letsatsi le tse ling.
Monghali Sekata a re tona-kholo o tla potoloha le litereke tsa naha ena ho kopana le bacha. A boela a re morero oa Sebabatso, o tlo bulela bacha ba bang haufi, ho ba thusa ho itlhahisetsa. Ho sale joalo, ho tla ba le ‘moka oa bacha bekeng e tlang ka Laboraro, moo tona-kholo, e tlang ho buisana le bacha ka mekhoa ea ho loants’a tlhokahalo ea mesebetsi.