

Puisanong le mookameli oa liphatlalatso ofising ea tona-kholo monghali Teboho Sekata, o re ts’ebetso e se e hatetse pele haholo ts’ebetsong eo. A re tona-kholo o thoholelitse taba ea hore batho ba ntseng ba sebetsa sebakeng seo, ke baahi ba metse ea Koro-koro. Monghali Sekata a re borokho bona bo bitsoa ba hloma-o-hlomolle kaha bo ka atleha ho tlosoa sebakeng seo ho ea ho se seng, bo ka boela ba sebelisoa ele ba nakoana ha ho ntse ho lokisetsoa ho ahoa bo tloaelehileng, ka hona, bo tla sebelisoa sebakeng seo ho fihlela ‘muso o na le likhakanyo tse lekaneng tsa lichelete ho aha ba boemo bo holimo. A phethela ka hore ka mora likhoeli tse tharo, ts’ebetso eo e be e phethetsoe.