

Lekhotla le Phahameng la Lesotho, le ahloletse banna ba bararo ba Thaba-Ts’oeu Ha Mafa Mafeteng lilemo tse fapaneng le lipapisitse le seabo sa bona ka bo mong, ka mora ho ba fumana ba le molato oa polao e sehlooho ea e mong ka ho mokhathathela lefu le ho mo thikhithela ka thipa molaleng ba bile ba mo khaola qoqotho liketsahalong tsa Pulungoana 2018.
Bona ke Makhoalinyane Makhoalinyane o ahlotsoe tse lilemo tse 20, Paramente Motanyane tse 25 le Rets’elisitsoe Motanyane tse 15. Bopaki bo re ba bolaile Neo Ralibaka, ba mo tsekisa hore o ile a rohaka ntate oa bona ka mahlapa a tala. Baqosusoa ba ile ba hlasela mofu a le naheng letsatsing le ba mo fethetsa ka majoe, ho tlepetsa ka oona, hloohong, ba mo nts’a meno le ho mo thikhithela ka thipa, molaleng ba mo khaola qoqotho joalo ka nku ea sehlabelo, nakong ea ho phethoa moetlo oa Sesotho. Moahloli ‘Mabats’oeneng Hlaele o itse mofapahlooho o kholisitse lekhotla ntle ho khoao bo molato ba baqosuoa.
Lekhotla le ne le ile la tjebela matjoing bopaki ba boits’ireletso ba baqosuoa ba re ba ne ba its’ireletsa ho mofu kaha a ena ile a ba betsa ka majoe, la rre ho hloleha ha bona holima ho baleha mofu, ho totobatsa morero oa hore ba ne ba ena le sepheo sa ho bolaea eo. La re ho latela bopaki bo kapelle ho lona, lefumana boraro boo bole molato le ho hlakola bail ea bona.