retina-sportsman2-2retina-sportsman2-2retina-sportsman2-2retina-sportsman2-2
  • HOME
  • ABOUT
    • OUR PROFILE
    • RADIO PROGRAMMES
    • RADIO PRESENTERS
    • OUR SPONSORS
  • NEWSPAPER
  • EVENTS
  • RATES CARD
  • CONTACT US
LISTEN NOW
✕
KOLOI EA BATLOTLEHI E AMEHA KOTSING EA MEBILENG LOWER THETSANE
April 10, 2025
Ntlo e oele Peka
April 23, 2025

SECHABA SA QOAQLING SE ITLAMA HO KHUTLISA CHELETE EA DMA

Published by Admin at April 10, 2025
Categories
  • Uncategorized
Tags

Sechaba sa Qoaling Ha-Besele Maseru, se tekenne boitlamo ba ho khutlisa chelete e ileng ea romelloa ho sona ka phoso, ke lefapha la thibelo le taolo ea likoluoa DMA libekeng tse fetileng, pitsong e bileng hona Ha Besele maobane.

Puisanong le Morena oa sebaka seo kajeno, Makoanyane Matsoso, o hlalositse hore karolo ea Sechaba seo e lefile chelete e felletseng, eleng likete tse ‘ne le makholo a mahlano tsa maloti, e ‘ngoe e ka tlase, are bang ba e khutlisitse hona maobane, ha ba bang ba e khutlise pelejana.

O tsoetse pele ho hlalosa hore karolo ea Sechaba e sa lefang, e bonts’itse ese e sebelisitse chelete eo mabakeng a fapakaneng le ha hole joalo, e tekenne boitlamo. Are DMA ha e ea ba behela nako ea ho e khutlisa.

Sena se latela hore DMA e romelle Sechaba se sebelitseng morerong oa Tsoha o Iketsetse metseng e fapakaneng, chelete e likete li hlano tsa maloti, empa e ne e lokela ho romela  maloti a makholo a mahlano, ‘me ha morao ea etsa phatlalatso ea hore Sechaba se khutlise e romeletsoeng ho sona ka phoso.

LEKOPE FM e fumaneha MOHALALITOE TSELENG EA LEKHOABA, pel’a sekolo sa mosebetsi oa matsoho LOIC

Share
0

Related posts

June 22, 2025

Koloi e chaisitse street light


Read more
June 14, 2025

TONA-KHOLO SAMUEL NTSOKOANE MATEKANE O KOPANA LE BACHA QUTHING


Read more
June 14, 2025

Tona-kholo o thakhotse borokho ba makoloi ba hloma-o-hlomolle, Koro-koro


Read more
© 2025 All Rights Reserved for Lekope FM
    LISTEN NOW