retina-sportsman2-2retina-sportsman2-2retina-sportsman2-2retina-sportsman2-2
  • HOME
  • ABOUT
    • OUR PROFILE
    • RADIO PROGRAMMES
    • RADIO PRESENTERS
    • OUR SPONSORS
  • NEWSPAPER
  • EVENTS
  • RATES CARD
  • CONTACT US
LISTEN NOW
✕
BATHO BA NANG LE BOKOOA BA PONO BA BULELOA SETSI SA MONGOLO OA BONA
April 10, 2025
SECHABA SA QOAQLING SE ITLAMA HO KHUTLISA CHELETE EA DMA
April 10, 2025

KOLOI EA BATLOTLEHI E AMEHA KOTSING EA MEBILENG LOWER THETSANE

Published by Admin at April 10, 2025
Categories
  • Uncategorized
Tags

Ofisi ea motlotlehi e entse phatlalatso e tsebisa Sechaba sa Basotho hore koloi ea Batlotlehi, e amehile kotsing ea tseleng maobane mots’eare oa mantsiboea, moo e chaisitseng motho, ‘me ka bomalimabe a lahleheloa ke Bophelo.

Sena se latela hore monna ea hlalosoang e le mokonteraka a ts’ele tsela, nakong eo molaola sephethe-phethe a neng a thiba litaaso hore li se ts’ele kaha koloi ea Khosi Letsie la boraro e ne e se e le haufi le moo a neng a ts’ela teng, ke moo monna enoa a ileng a thuloa ke koloi.

Litaba tse bolutu tsena li etsahetse tseleng e kholo ea Koffi Annan Lower Thetsane Maseru. Tlhaloso e re koloi e ile ea mo tjebela haufi le matamo a ka thoko ho tsela, ‘me a fumanoa a lilibolotsehile letlalo la sefahleho.

Polelo e tsoetsoepele hore ofisi e masoabi ka sena se etsahetseng,’me lelapa la Botlotlehi le ts’elisa beng ka mofu le bohle ba anngoeng ke tsenene ena.

LINOMORONG TSENA; 67218801 Moeeng le 67218807 ka Sesiung sa Litaba

Share
0

Related posts

June 22, 2025

Koloi e chaisitse street light


Read more
June 14, 2025

TONA-KHOLO SAMUEL NTSOKOANE MATEKANE O KOPANA LE BACHA QUTHING


Read more
June 14, 2025

Tona-kholo o thakhotse borokho ba makoloi ba hloma-o-hlomolle, Koro-koro


Read more
© 2025 All Rights Reserved for Lekope FM
    LISTEN NOW