

Mongoli e moholo oa lekala la matla o re ts’ebeliso ea limilone tse lekholo le mashome a mabeli tsa Maloti, e neng e reretsoe phepelo ea motlakase lifemeng tsa ha Belo Botha Bothe le Tikoe Maseru, e pakahatsa hore ha se nnete hore o na le seabo ho eona hobane o ne a eso ho fihle lekaleng.
Monghali Takiso Phapano o buile tsena maobane ka shoalane ho Sakana-la-Nkope LEKOPE FM, moo a itseng ts’ebeliso ea ho qetela ea chelete e boletsoeng ,e etsahetse ka khoeli ea loetse 2023, pele a thonyetsoa bongoling bo bohlo ke tonakholo empa a qala ho ba le matla a ho tekenela lichelete tsa muso ngoahola ka khoeli ea Mesa, ha pele ho moo a ne a ka tekenela litokomane tse ling ntle ho chelete.
Lets’ekha le tsoetsepele hore, ts’ebeliso ena ea chelete e neng e fella phate-soba, e ile ea mpefala ka 2022 nakong eo mookameli e moholo oa k’hamphani ea Lesotho ea motlakase LEC ,le mongoli e moholo oa lekala la matla ka nako eo ba neng ba hapa morero oa khokelo ea motlakase ha Tikoe le Belo, ka thutsoana ea ‘mooana ntlo-kholo lekaleng ba e isa LEC moo ho ileng hoa hoshotseha limilone tse lekholo tsa Maloti papisong le tse mashome a mabeli ha o ntse o le ka ntlo-kholo lekaleng.
Phapano o buile tsena e le ha a lihella likhala lenaneong le seng le boletsoe, ho qetela manollo ea se bakileng ho fareloa ha morerohali ona oa ‘muso oa khokelo ea motlakase lifemeng tse boletsoeng ,molemong oa ho thehela Basotho mesebetsi.
O menyelelitse maritsa ka hore ke boikarabello ba bangoli ba baholo ba ‘muso le makope a chorileng hantle a makala ho sireletsa seriti sa ‘muso moo litaba li sothoang ke ba nang le lithahasello tsa bona, ba bile ba tseba hantle se etsahetseng ka nako e ngoe ebile e le bona ba libakileng.
LEKOPE FM e fumaneha MOHALALITOE TSELENG EA LEKHOABA, pel’a sekolo sa mosebetsi oa matsoho LOIC
Monghali Tankiso Phapano ka boemo ba hae e le mongoli e moholo oa lekala la matla, o tiiselitse LEKOPE FM maobane ho Sakana-la-Nkope, hore o theha selekane le eona sa ho sika-‘moho litabeng tsa motlakase, molemong oa hore Basotho ba be leseling la se ntseng se etsahala malebana le tlhloko ena ea mantlha ea Sechaba.
O boleletse mohlanka e moholo oa phethahatso oa LEKOPE FM ea neng a tsamaisa lenaneo hore o behelletsa hora ea bosupa ho isa ho ea borobong, ka phirimana mantaha o mong le o mong hore e le lekala ba tsoelepele ho tebisa kepi ka taba tsa motlakase.
O phaelletse ka hore hoohle moo lekala la habo le eang ka litaba tsa motlakase ka ntle le ka hare ho naha, o tla lula a thetsane ka mahetla le phala ena ea Sechaba molemong oa hore Basotho ba be sehlohlolong sa litaba tsa motlakase.
Bamameli ba utloahetse ba thabetse litaba tsa monghali Phapano ‘me hlathe e ile ea lelekisa tsebe le ho feta, ha a re motlakase ke ntho e ka sehloohong ho Tona-Kholo Sam Matekane.
E le sesupo sa hore motlakase o tla pele ho Tona-Kholo Matekane, Phapano o itse, lekala la ha bo ka lefapha la phepelo ea motlakase metseng (REU) le ile la abeloa limilone tse makholo a mabeli le mashome a mararo tsa Maloti, ha selemong sena e bile limilone tse makholo a mabeli a mashome a robeli tsa Maloti papisong le mebuso e fetileng moo le neng le fuoa feela limilone tse mashome a mahlano tsa Maloti.