retina-sportsman2-2retina-sportsman2-2retina-sportsman2-2retina-sportsman2-2
  • HOME
  • ABOUT
    • OUR PROFILE
    • RADIO PROGRAMMES
    • RADIO PRESENTERS
    • OUR SPONSORS
  • NEWSPAPER
  • EVENTS
  • RATES CARD
  • CONTACT US
LISTEN NOW
✕
PHAPANO O HLAKOLA LIKETSELLETSO TSA HORE O JELE CHELETE EA MORERO OA MOTLAKASE
September 25, 2024
BATHO BA NANG LE BOKOOA BA PONO BA BULELOA SETSI SA MONGOLO OA BONA
April 10, 2025

MAKHALANYANE O RE QHA QHEANE KA HO NYOLLOA HA LILEMO TSA TS’EBETSO TSA MASOLE

Published by Admin at April 1, 2025
Categories
  • Uncategorized
Tags

Moparamente oa Abia number 39 mohlomphehi Thuso Makhalanyane o hanyelitse ts’its’inyo ea ho nyollela lilemo tsa masole tsa  phomolo ho tloha ho tse 55 ho li isa ho tse 62, ho latela molao oa 1996 o reng ba ee phomolong ha ba le lilemo li 55.

Makhalanyane o hlalosa ha a keke a checha khanyetsong ea hae ea sets’oants’o seo ka le reng sena se hanya bakhethi bao boholo ba bona e leng bacha ba senang mesebetsi ebile e le bona ba bakhethieng ka bongata, ‘me a hlalosa ha sena e le ho ba kotela ka mesebetsi.

O tsoetsepele hore bohlanka bo sentse bo tletse ka metsofe ho latela lilemo tsa bona tse holimo tsa phomolo, a otlanya thupa  le lefats’e hore ha se fihla ka likomiting tsa Paramente, ba tlo etsa sohle hore se se ke sa chabeloa ke letsatsi, a thatiselletsa ka hore o tla be a etse khoeheletso ho bacha ho ba le lentsoe holima sena.

A menyeletsa ka hore mohato ona o ka baka tsitsipano ka har’a naha ka ha melao ena e le e sekisetsang mafapha a mang  a ts’ireletso a kenyeletsang Sepolesa (LMPS) le Balebeli ba litsi tsa tlhabobollo ea bats’oarua (LCS).

Share
0

Related posts

June 22, 2025

Koloi e chaisitse street light


Read more
June 14, 2025

TONA-KHOLO SAMUEL NTSOKOANE MATEKANE O KOPANA LE BACHA QUTHING


Read more
June 14, 2025

Tona-kholo o thakhotse borokho ba makoloi ba hloma-o-hlomolle, Koro-koro


Read more
© 2025 All Rights Reserved for Lekope FM
    LISTEN NOW