

Sechaba sa Qoaling Ha-Besele Maseru, se tekenne boitlamo ba ho khutlisa chelete e ileng ea romelloa ho sona ka phoso, ke lefapha la thibelo le taolo ea likoluoa DMA libekeng tse fetileng, pitsong e bileng hona Ha Besele maobane.
Puisanong le Morena oa sebaka seo kajeno, Makoanyane Matsoso, o hlalositse hore karolo ea Sechaba seo e lefile chelete e felletseng, eleng likete tse ‘ne le makholo a mahlano tsa maloti, e ‘ngoe e ka tlase, are bang ba e khutlisitse hona maobane, ha ba bang ba e khutlise pelejana.
O tsoetse pele ho hlalosa hore karolo ea Sechaba e sa lefang, e bonts’itse ese e sebelisitse chelete eo mabakeng a fapakaneng le ha hole joalo, e tekenne boitlamo. Are DMA ha e ea ba behela nako ea ho e khutlisa.
Sena se latela hore DMA e romelle Sechaba se sebelitseng morerong oa Tsoha o Iketsetse metseng e fapakaneng, chelete e likete li hlano tsa maloti, empa e ne e lokela ho romela maloti a makholo a mahlano, ‘me ha morao ea etsa phatlalatso ea hore Sechaba se khutlise e romeletsoeng ho sona ka phoso.
LEKOPE FM e fumaneha MOHALALITOE TSELENG EA LEKHOABA, pel’a sekolo sa mosebetsi oa matsoho LOIC