

Ofisi ea motlotlehi e entse phatlalatso e tsebisa Sechaba sa Basotho hore koloi ea Batlotlehi, e amehile kotsing ea tseleng maobane mots’eare oa mantsiboea, moo e chaisitseng motho, ‘me ka bomalimabe a lahleheloa ke Bophelo.
Sena se latela hore monna ea hlalosoang e le mokonteraka a ts’ele tsela, nakong eo molaola sephethe-phethe a neng a thiba litaaso hore li se ts’ele kaha koloi ea Khosi Letsie la boraro e ne e se e le haufi le moo a neng a ts’ela teng, ke moo monna enoa a ileng a thuloa ke koloi.
Litaba tse bolutu tsena li etsahetse tseleng e kholo ea Koffi Annan Lower Thetsane Maseru. Tlhaloso e re koloi e ile ea mo tjebela haufi le matamo a ka thoko ho tsela, ‘me a fumanoa a lilibolotsehile letlalo la sefahleho.
Polelo e tsoetsoepele hore ofisi e masoabi ka sena se etsahetseng,’me lelapa la Botlotlehi le ts’elisa beng ka mofu le bohle ba anngoeng ke tsenene ena.
LINOMORONG TSENA; 67218801 Moeeng le 67218807 ka Sesiung sa Litaba