retina-sportsman2-2retina-sportsman2-2retina-sportsman2-2retina-sportsman2-2
  • HOME
  • ABOUT
    • OUR PROFILE
    • RADIO PROGRAMMES
    • RADIO PRESENTERS
    • OUR SPONSORS
  • NEWSPAPER
  • EVENTS
  • RATES CARD
  • CONTACT US
LISTEN NOW
✕
MAKHALANYANE O RE QHA QHEANE KA HO NYOLLOA HA LILEMO TSA TS’EBETSO TSA MASOLE
April 1, 2025
KOLOI EA BATLOTLEHI E AMEHA KOTSING EA MEBILENG LOWER THETSANE
April 10, 2025

BATHO BA NANG LE BOKOOA BA PONO BA BULELOA SETSI SA MONGOLO OA BONA

Published by Admin at April 10, 2025
Categories
  • Uncategorized
Tags

Mokhatlo oa ntlafatso ea batho ba nang le bokoa ba pono Lesotho (LNDB),o khakotse setsi sa thuto ea mongolo oa braile, kajeno mots’eare oa mantsibuea Maseru.

Tlaleho ea LNDB e hlalosa hore setsi se tla ruta batho ba nang le bokooa ba pono ho bala le ho ngola, ho akofisa menyetla ea hore bafani ba lits’ebeletso, barupeli, le Sechaba, ba ba kenyeletse mesebetsing e fapakaneng ea bona ea letsatsi ka leng.

E tsoela-pele ho hlakisa hore, ka ho hlahlella batho ba nang le bokooa ba pono ka litsebo tsa ho bala le ho ngola, setsi se lakatsa ho felisa meeli ea lipuisano khahlanong le bona, le ho khothaletsa ho kenyeletsa bohle ho sa natse maemo.

Ho sale joalo, setsi se boetse se tla fana ka thupelo ho bafani ba lits’ebeletso, joaloka basebeletsi ba libanka le ba litsi tsa bophelo, ho netefatsa hore batho ba nang le bokooa ba pono ba fumana lits’ebeletso ka tsela e nepahetseng.

Ts’ebeletsong ena, ho bile teng boemeli ba ‘muso, mekhatlo ea sechaba, barupeli le babuelli ba litokelo tsa batho ba nang le bokooa.

LEFAPHA LA TSAMAISO LA LEKOPE FM LE FUMANEHA HO 67218809 KAPA HO ADMIN AT LEKOPE.COM

LA LITHEKISO LE FUMANEHA HO 67218808 KAPA HO MARKERTIN AT LEKOPE. COM

OKA BOELA OA E MAMELA LE KA MARANGRANG HO WWW.LEKOPE.COM

Setho sa komiti ea paramente e lisitseng makala a ofisi ea tonakholo, mohlomphehi Thuso Makhalanyane, se re hase ‘nete hore hore komiti  e itse sets’oants’o sa keketso ea lilemo tsa masole se lahloe empa, se lokisoe liphoso.

A bua ho Sakana la nkope ka shoalane maobane, mohlomphehi Makhalanyane o itse , komiti e laetse letona ofising ea tonakholo hore, a etse hore se ngotsoeng se ts’oane le seo a se teketileng paramenteng.

A re ka paramenteng letona le buile ka lilemo tse ka tlase ho mashome a mahlano a metso e mehlano ele tseka tlase-tlase tsa hoea phomolong, ha liofisiri tse nyane tsa sesole e le tse mashome a ts’eletseng a metso e ‘meli, empa moo ho ngotsoeng setsoantso sa molao, hothoe lesole leka tlase le ee phomolong le le lilemo  li mashome a mane a metso e robeli, eleng se etsang hore letona le hlahe lesa bua nnete ka ntlong ea bakhethoa ba Sechaba .

O menyelelitse maritsa ka hore ,ekaba bohlale hore , ha letona le lokisa phoso ena le shebe le tse ling tseo bae so ka ba lilemoha kapa ho fihla ho tsona ele litho tsa komiti.

 LEKOPE FM E FUMANEHA MAQHUBUNG A 88.1, 91.0 LE 87.7 MANTSONYANE

Share
0

Related posts

June 22, 2025

Koloi e chaisitse street light


Read more
June 14, 2025

TONA-KHOLO SAMUEL NTSOKOANE MATEKANE O KOPANA LE BACHA QUTHING


Read more
June 14, 2025

Tona-kholo o thakhotse borokho ba makoloi ba hloma-o-hlomolle, Koro-koro


Read more
© 2025 All Rights Reserved for Lekope FM
    LISTEN NOW