

Moparamente oa Abia number 39 mohlomphehi Thuso Makhalanyane o hanyelitse ts’its’inyo ea ho nyollela lilemo tsa masole tsa phomolo ho tloha ho tse 55 ho li isa ho tse 62, ho latela molao oa 1996 o reng ba ee phomolong ha ba le lilemo li 55.
Makhalanyane o hlalosa ha a keke a checha khanyetsong ea hae ea sets’oants’o seo ka le reng sena se hanya bakhethi bao boholo ba bona e leng bacha ba senang mesebetsi ebile e le bona ba bakhethieng ka bongata, ‘me a hlalosa ha sena e le ho ba kotela ka mesebetsi.
O tsoetsepele hore bohlanka bo sentse bo tletse ka metsofe ho latela lilemo tsa bona tse holimo tsa phomolo, a otlanya thupa le lefats’e hore ha se fihla ka likomiting tsa Paramente, ba tlo etsa sohle hore se se ke sa chabeloa ke letsatsi, a thatiselletsa ka hore o tla be a etse khoeheletso ho bacha ho ba le lentsoe holima sena.
A menyeletsa ka hore mohato ona o ka baka tsitsipano ka har’a naha ka ha melao ena e le e sekisetsang mafapha a mang a ts’ireletso a kenyeletsang Sepolesa (LMPS) le Balebeli ba litsi tsa tlhabobollo ea bats’oarua (LCS).