retina-sportsman2-2retina-sportsman2-2retina-sportsman2-2retina-sportsman2-2
  • HOME
  • ABOUT
    • OUR PROFILE
    • RADIO PROGRAMMES
    • RADIO PRESENTERS
    • OUR SPONSORS
  • NEWSPAPER
  • EVENTS
  • RATES CARD
  • CONTACT US
LISTEN NOW
✕
Borokho ba Peka bo a tsosoa ka mora lilemo tse tharo
September 25, 2024
PHAPANO O HLAKOLA LIKETSELLETSO TSA HORE O JELE CHELETE EA MORERO OA MOTLAKASE
September 25, 2024

SETOPO SA MONNA SE FUMANOA RE RAPALETSE NOKENG KOLOJANE

Published by Admin at September 25, 2024
Categories
  • Uncategorized
Tags

Setopo sa monna ea ka bang mashome a mararo ho isa ho mashome a mane a lilemo se fumanoe se rapaletse pela lebopo la noka se ena le leqeba la kulo, le selelu se hlephotsoe ke ho sa tsejoang Kolojane Berea maobeng.

Mok’hanselera oa Kolojane monghali Thabiso Mohlotsane, o re ba ha bo mofu ba hlalosa ha a ile a fihleloa ke baeti ba bararo shoalaneng ea maobeng, bao a le mong oa bona a tsejoang ke ba amani le eo eseng e le mofu, ba se ke ba nka nako ea ho lula ba kopa hore eo a ba felehetse empa a se khutle matsatsi a mabeli a ba a feta ho fihlela ha ho fihla tlaleho ea hore ho bonoa setopo sa monna nokeng.

Mohlotsane o itse ho phuthiloe likhaketlana tsa sethunya tse ka bang hlano pela setopo ‘me pelaelo ke hore u thuntsoe ke bao ebileng baeti ba hae ka ha le kobo ea e mong oa bona e fumanoe moo setopo se bonahalang se hulanyelitsoe le ho ts’etlehoa teng.

Monghali Mohlotsane o re Kolojane e kile ea ateloa ke letsuka la likobo, le ha sena se e so bonts’e ts’ekamelo ea tsona, hoo ho sa feteng selemo ho sa bolokoe mofu oa sethunya, a boela are eeo e seng e le mofu o kile a ‘na a belaelloa ka polao ea soare sa hae.

O ferille ka hore ele bakhethoa ba puso ea libaka, ha ba e so fuoe matla e leng se ba khaolang lits’iba ha ba lokela ho koebela le ho supa tsela moo ba khethiloeng teng.

Share
0

Related posts

June 22, 2025

Koloi e chaisitse street light


Read more
June 14, 2025

TONA-KHOLO SAMUEL NTSOKOANE MATEKANE O KOPANA LE BACHA QUTHING


Read more
June 14, 2025

Tona-kholo o thakhotse borokho ba makoloi ba hloma-o-hlomolle, Koro-koro


Read more
© 2025 All Rights Reserved for Lekope FM
    LISTEN NOW